Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 re tle re tshwane le ditjhaba tse ding, morena wa rona a tle a re ahlolele, a re etelle pele, a laole dintwa tsa rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 e le hore le rona re be jwaloka ditjhaba tsohle, kgosi ya rona e re buse, e re etelle pele, e re lwanele dintweng tsa rona.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:20
13 Referencias Cruzadas  

ba mpa ba ikopanya le ditjhaba, ba ithuta mekgwa ya tsona;


Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.


Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.


Thabelang tshepong, le mamelle matshwenyehong, le tiye thapelong.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.


Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.


Bonang jwale, morena eo ke yena motsamaisi wa lona, hobane nna ke hodile, ke hlooho e putswa, mme bara ba ka ke bao, le na le bona; haele nna, ke nnile ka le tsamaisa ke sa le motjha, ho fihlela tsatsi lena.


ba re ho yena: O ka bona, o se o hodile, mme bara ba hao ha ba tsamaye ka mehlala ya hao; jwale, re beele morena, a tle a re ahlolele, jwalokaha ho etswa ditjhabeng tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos