Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mohlang oo, le tla lla ka baka la morena wa lona eo le ikgethetseng yena, empa Jehova a ke ke a le utlwa mohlang oo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Mohla letsatsi leo le fihlang, le tla ipelaetsa haholo ka baka la kgosi ya lona, eo le e kgethileng, empa mohla letsatsi leo Morena ha a na ho le araba.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:18
13 Referencias Cruzadas  

Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.


Hobane tshepo ya molotsana ke efe, ha Modimo o mo kgaola, leha o lata bophelo ba hae?


Na Modimo o tla utlwa mehoweletso ya hae, mohla a jewang ke matswalo na?


Ba howa, empa monamoledi a ba siyo; ba howeletsa ho Jehova, mme ha a ka a araba.


Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


Bonang, letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane hore le sitwe ho pholosa, le ditsebe tsa hae ha di a thibana, hore a sitwe ho utlwa;


Se tla solla lefatsheng hara hloreho le tlala; ha se lapa, se tla fellwa ke pelo, se rohake morena wa sona le Modimo wa sona; leha se lelala hodimo,


Ha ho le jwalo, le nna ke tla etsa ka kgalefo; leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ba tla howeletsa ditsebeng tsa ka ba tlerola, empa nke ke ka ba mamela.


Mohlang oo, ba tla howeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utlwa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ya bona.


Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.


O tla nka karolo ya leshome ya mehlape ya lona, le be bahlanka ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos