Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha ho le jwalo, areka ya Jehova ya dula Kiryathe-Jearime matsatsi a mangata, ya eba dilemo tse mashome a mabedi. Mohlang oo, bohle ba ntlo ya Iseraele ba hlolohelwa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ho tloha mohla areka e kgutlelang Kiriate-Jearime ya dula teng nako e telele, ka dilemo tse mashome a mabedi. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba labalabela ho sebeletsa Morena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 7:2
13 Referencias Cruzadas  

Ha re boeleng re itatele areka ya Modimo wa rona; hobane ha re a ka ra e hlokomela mehleng ya Saule.


Yaba Davida o phutha Baiseraele kaofela, ho tloha Shihore wa Egepeta ho tla fihla pela Hamathe, hore areka ya Modimo e tle e latwe Kiryathe-Jearime.


Le hona motho o ne a le teng ya porofetang ka lebitso la Jehova, e leng Uria, mora Shemaia, wa Kiryathe-Jearime; o ne a ntse a porofeta bakeng sa motse wona le sa fatshe lena, kahohle jwaloka mantswe a Jeremia.


Feela o ipolele bokgopo ba hao, hobane o kwenehetse Jehova, Modimo wa hao, o nnile wa mathela ka nqa tsohle ho medimo ya ditjhaba, katlasa difate tsohle tse mahlaku; le mpa le sa ka la mamela lentswe la ka, ho bolela Jehova.


Ba tla kgutla ka dillo, ke tla ba tlisa ba ntse ba etsa merapelo; ke ba ise melapong ya metsi ka tsela e lokileng eo ba sa tlo ka ba kgoptjwa ho yona, hobane ke tla ba ntata Iseraele, Efraime e be ngwanaka wa letsibolo.


Ho lehlohonolo ba llang; hobane ba tla tshediswa.


Ebile bana ba Iseraele ba tloha, ba fihla metseng ya bona ka tsatsi la boraro; metse ya bona e ne e le Gibeone, le Kefira le Beerothe, le Kiryathe-Jearime.


Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.


Ebile banna ba Kiryathe-Jearime ba tla, ba lata areka ya Jehova, ba e isa tlung ya Abinadabe, e leralleng, mme ba kgetha Eleasare mora wa hae, hore a boloke areka ya Jehova.


Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos