Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke tsena ditshwantsho tsa kgauta tsa diso, tseo Bafilesta ba di ntsheditseng Jehova ka mokgwa wa sehlabelo sa molato, se seng e le sa Ashdode, se seng e le sa Gasa, se seng e le sa Ashkelone, se seng e le sa Gathe, se seng e le sa Ekrone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:17
19 Referencias Cruzadas  

Le se ke la e bolela Gathe, le se ke la e tumisa mapatlelong a Ashkelone, esere barwetsana ba Bafilesta ba thaba, le barwetsana ba maqai ba nyakalla!


Bao ba bane e be e le ba mofuta wa Barefaime ba Gathe; ba eshwa ka matsoho a Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.


Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?


A tswa, a futuhela Bafilesta, a heletsa lerako la Gathe, le lerako la Jabne, le lerako la Ashdode, mme a haha metse Ashdode le naheng ya Bafilesta.


le bajaki kaofela, le marena wohle a lefatshe la Utse, le marena kaofela a lefatshe la Bafilesta, le Ashkelone, le Gasa, le Ekrone, le ba setseng ba Ashdode;


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


Tshelelang Kalne, le bone; ha le tloha teng, le fetele Hamathe e moholo, le ntoo theohela Gathe wa Bafilesta. Na mebuso eo e metle ho fetisa mebuso ena, kapa a naha ya bona e kgolo ho naha ya lona na,


Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.


Juda a nka le Gasa le naha ya teng, le Ashkelone le naha ya teng, le Ekrone le naha ya teng.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.


Yaba Samsone o ya Gasa, a bona mosadi wa seotswa teng, mme a kena ha hae.


Yaba Bafilesta ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, mme ba mo theosetsa Gasa; ba mo tlama teng ka mahlaahlela a mabedi a koporo, mme a nna a soka tshilo ya lelwala teronkong.


Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.


Yaba ba romela areka ya Modimo Ekrone. Eitse ha areka ya Modimo e kena Ekrone, ba Ekrone ba bokolla, ba re: Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Iseraele, ba tle ba re timeste le setjhaba sohle sa heso.


Yaba ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Re tla etsang ka areka ya Modimo wa Iseraele? A araba, a re: Areka ya Modimo wa Iseraele a e ke e iswe Gathe. Mme areka ya Modimo wa Iseraele ya iswa teng.


Moo ba re: Sehlabelo sa molato e ka ba eng, seo re tla se busetsa ho wona na? Ba re: E tla ba ditshwantsho tse hlano tsa kgauta tsa diso, le ditweba tse hlano tsa kgauta, ka ho lekanya palo ya marena a Bafilesta, etswe le hlahetswe ke lefu le le leng bohle, ka wona marena a lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos