1 Samuele 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Haele dikgomo, tsona tsa loka tsela ya Bethe-Shemeshe, tsa nna tsa ya ka mmila o le mong, di ntse di lla, di sa kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi, marena a Bafilesta a di setse morao, ho ya fihla moeding wa Bethe-Shemeshe. Ver CapítuloBIBELE12 Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe. Ver Capítulo |