Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Areka ya selekane sa Jehova, ha e fihla diahelong, Baiseraele ba e hlabela ditlatse tse kgolo, lefatshe la ba la reketla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yare ha areka ya selekane sa Morena e fihla diahelong, ditlatse tsa Baiseraele bohle tsa hlaba hodimo, ba howa haholo, hoo lefatshe le ileng la duma.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 4:5
10 Referencias Cruzadas  

Le Tsadoke le Balevi bohle ba fihla, ba jere areka ya selekane sa Modimo; ba bea areka ya Modimo fatshe, mme Abiathare o ne a nyoloha, ho fihlela setjhaba kaofela se tswang hae se ba se qeta ho tshela.


Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Le se ke la itshepela dipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova ke yona eo!


lona le reng, le bea letsatsi la bohloko hole, mme le bea setulo sa bolotsana haufi?


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Ebile setjhaba se hlaba ditlatse, ha letswa diterompeta, mme setjhaba ha se utlwa modumo wa diterompeta, sa hlaba ditlatse tse kgolo; lerako la heleha kaofela; setjhaba sa nyolohela motseng; e mong le e mong pela hae, mme ba kena motse.


Etlere ha ba letsa halelele ka manaka a tlerolang, ha le utlwa modumo wa terompeta, setjhaba kaofela se hlabe ditlatse tse kgolo; mme lerako la motse le tla heleha kaofela, mme motho ka mong o tla nyoloha hona pela hae.


Eitse ha a fihla Lehi, Bafilesta ba duduetsa, ha ba tla mo kgahlanyetsa. Yaba moya wa Jehova o mo tlela ka matla, mehala e tlamileng matsoho a hae ya ba ya fetoha ntho e kang lene e tjheleng, mme ditlamo tsa hae tsa lokoloha matsohong a hae.


Bafilesta ha ba utlwa modumo wa ditlatse, ba re: Ke wang modumo wa ditlatse tsena tse kgolo diahelong tsa Baheberu? Ba tseba hobane areka ya Jehova e tlile diahelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos