Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?” Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:8
21 Referencias Cruzadas  

A kgutla le maruo kaofela; a ba a kgutla le Lota, ngwanabo, le maruo a hae, a ba a tla le basadi le batho.


Ebile Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla nyolohela mo lwantsha Bafilesta? Na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho Davida: Nyoloha, hobane ruri ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.


Davida ha a botsa Jehova, Jehova a re: O se ke wa ya pontsheng; o ba pote kamorao, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Sera sa re: Ke tla phalla, ke ba tshware, ke tla hapisa thepa, moya wa ka o tla ikgorisa ka bona; ke tla tsomola sabole, letsoho la ka le tla ba qeta.


O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.


Gideone ha a fihla Jordane, a e tshela a ena le banna ba makgolo a mararo bao a nang le bona, ba se ba kgathetse, ba mpa ba ntse ba phallela Bamidiane.


Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.


Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.


Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.


Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.


Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.


Davida a namolela tsohle tse hapilweng ke Baamaleke: Davida a namolela le basadi ba hae ba babedi.


Ba se ke ba haellwa ke letho le lenyenyane leha e le le leholo, leha e le bara ba bona, le baradi ba bona, leha e le phahlo le tsohle tse neng di hapilwe; Davida a boela a di fihlela kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos