Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 29:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Marena a Bafilesta a ya teng ka makgolo le ka dikete tsa wona; yena Davida le banna ba hae ba leba teng, ba ba setse morao le Akishe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Mahosana a Bafilesita a nna a subuhlellana ka makgolo le ka dikete; Davida le bahlabani ba hae ba ena le Akishe, ya eba ba ho qetela.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 29:2
7 Referencias Cruzadas  

Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


Yaba ho tloha folaga ya ntlo ya bana ba Dane; ba tloha ka makgotla a bona, e le serao sa makgotla kaofela; lekgotla la bona le ne le laolwa ke Akiesere, mora Ammishaddai;


ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.


Moo ba re: Sehlabelo sa molato e ka ba eng, seo re tla se busetsa ho wona na? Ba re: E tla ba ditshwantsho tse hlano tsa kgauta tsa diso, le ditweba tse hlano tsa kgauta, ka ho lekanya palo ya marena a Bafilesta, etswe le hlahetswe ke lefu le le leng bohle, ka wona marena a lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos