Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 28:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Bafilesita ba kgobokana, ba fihla ba hloma Shuneme. Saule le yena a kgobokanya Baiseraele bohle, mme a hloma Gileboa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 28:4
9 Referencias Cruzadas  

Oho, thaba tsa Gilboa, ho se ke ha lala phoka, ho se ne pula ho lona, ho se ke ha eba masimo a mang le dilopotsiya hobane ke moo ho lahlilweng thebe tsa bahale, le thebe ya Saule, jwaloka eka ha a ka a tlotswa ka ole!


Mohlankana ya mmehelang, a re: Eitse ha ke le thabeng ya Gilboa, ka fihlela Saule a ikokotletse ka lerumo la hae, ka bona ba makoloi le ba kaletseng mapere ba mo phalletse ka matla.


Ha ho le jwalo, Davida a lata masapo a Saule, le masapo a Jonathane mora hae, ho banna ba Jabeshe-Gileade, ba neng ba a tlositse lepatlelong la Bethe-Shane, moo Bafilesta ba neng ba a fanyehile, mohla Bafilesta ba bolayang Saule Gilboa.


Ba batla jwalo morwetsana e motle naheng yohle ya Iseraele, ba fumana Abishage wa Shuneme, mme ba mo tlisa ho morena.


Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.


Moedi wa bona o lebile Jisreele le Kesullothe, le Shuneme;


Saule, ha a bona makgotla a Bafilesta, a tshaba, le pelo ya hae ya thothomela haholo.


Eitse ha Bafilesta ba lwana le Baiseraele, banna ba Iseraele ba baleha pela Bafilesta, ba ya ba ewa le thaba ya Gilboa, ba timela.


Hosasa, ha Bafilesta ba tla hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba wele thabeng ya Gilboa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos