Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Abishai a re ho Davida: Kajeno, Modimo o neetse sera sa hao matsohong a hao; jwale, a nke ke mo hlabe ka lerumo, ke mmolaele fatshe hanghang; nke ke ka hlaba habedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:8
16 Referencias Cruzadas  

Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.


mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.


Johanane, mora Karea, o bolella Gedalia ka sephiring, Mitspe, a re: Ha nke ke ye, ke bolaye Ishmaele, mora Nethania; ho ke ke ha tseba motho. O ne a tla o bolaelang? Bajude bohle ba phuthehetseng ho wena na ba ne ba ya qhalanelang, masala a Juda a timele?


Mehopolo ya lona ke efe bakeng sa Jehova? O tla timeletsa ruri; tlokotsi e ke ke ya hlaha habedi.


Hobane Modimo o hlahletse bohle ho se dumeleng, o tle o ba hauhele bohle.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Jehova a ba kgatholla hohle, kahohle kamoo a neng a hlapanyeditse bontata bona kateng; ha ho a ka ha eba se seng ho dira tsohle tsa bona se kileng sa tiya pela bona, kahobane Jehova a ne a neetse dira tsa bona matsohong a bona.


Juda a nyoloha, mme Jehova a neela Bakanana le Baferese matsohong a bona, mme ba bolaya banna ba kete tse leshome Beseke.


Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.


Ha ho le jwalo, banna ba Davida ba re ho yena: Bona, ke lona letsatsi leo Jehova a o boleletseng lona, a re: Bona, ke tla neela sera sa hao matsohong a hao. Tloo jwale, o etse ka Saule kamoo o ratang kateng. Ebile Davida o tsoha, a seha moleka wa kobo ya Saule ka senya.


Kamorao, pelo ya Davida ya hlabeha ka baka la hobane a sehile moleka wa kobo ya Saule.


Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.


Ebile Davida le Abishai ba fihla bosiu ho setjhaba, ba fihlela Saule a sekame, a robetse diahelong, lerumo la hae le hlomilwe fatshe pela mosamo wa hae, Abnere le setjhaba ba robetse ba mo teetse hare.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos