Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:23
16 Referencias Cruzadas  

Jehova o nkentse ka ho loka ha ka, o mpuseditse ka ho hlweka ha matsoho a ka.


Ka baka leo, Jehova o mputsitse ka ho loka ha ka le ka ho hlweka ha ka pela mahlo a hae.


o ke o utlwe, o le mahodimong, o etse, o ahlolele bahlanka ba hao, ka ho tswa ya molato, o busetse hodima hae ka metsamao ya hae, mme o bolele ya lokileng, o be o mo putse ka ho loka ha hae.


Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!


Empa o busetsa ho motho ho lekanang le mesebetsi ya hae, o mo fumantsha ho lekanang le mekgwa ya hae.


le wona mohau ke wa hao, Morena, hobane o busetsa ho e mong le e mong ho lekanang mesebetsi ya hae.


Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!


Jehova a ahlole mahareng a ka le wena, Jehova a mpheteletse ho wena! Haele letsoho la ka, le ke ke la eba ho wena.


O bonahiditse kajeno kamoo o nkgauhetseng kateng; kahobane Jehova o ba a nneetse matsohong a hao, mme ha o a ka wa mpolaya.


Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.


Jehova a nthibele hore ke se ke ka isa letsoho ho motlotsuwa wa Jehova. Feela, nka lerumo le pela mosamo wa hae le nkgwana ya metsi, re tsamaye.


Davida a araba, a re: Bona, ke lena lerumo la morena; e mong wa bahlankana a fetele kwano, a le nke.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos