Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha o etse hantle; ka Jehova ya phelang, le lokelwa ke ho shwa, hobane ha le a ka la lebela monga lona, e leng motlotsuwa wa Jehova. Tadima jwale; le kae lerumo la morena, le nkgwana ya metsi e neng e le pela mosamo wa hae?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ntho ena eo o e entseng e mpe! Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le lokelwa ke lefu, hobane ha le a ka la sireletsa monga lona, e leng motlotsuwa wa Morena. Bona mona! Lerumo la kgosi le kae? Kuka la hae lona le kae?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:16
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o halefela motho eo haholo, a re ho Nathane: Ka Jehova ya utlwang, motho ya entseng hoo o lokelwa ke lefu.


Hobane bohle ba ntlo ya ntate e be e se e le batho ba lokelang ho shwa pela morena, monga ka; leha ho le jwalo, o kile wa bea mohlanka wa hao hara ba jang tafoleng ya hao. Ke sa na le tokelo efe? Nka howeletsa ka taba efe ho morena?


Yaba morena o tsebisa moprista Abiathare, a re: Ikele Anathothe, masimong a hao, hobane o lokelwa ke ho shwa; empa kajeno, nke ke ka o bolaya, kahobane o kile wa jara areka ya Morena Jehova pela ntate Davida, le hobane o kile wa tubeha kahohle kamoo le ntate a ileng a tubeha kateng.


ho mamela medumaelo ya batlamuwa, ho lokolla ba kgethetsweng lefu,


Masisapelo a ba holehilweng a ke a fihle pela hao; ka matla a letsoho la hao o boloke ba abetsweng ho shwa.


Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.


Hobane, mora Jese ha a ntse a phela lefatsheng, ho ke ke ha tiya wena, leha e le borena ba hao. Romela jwale ho ya ntshwarela yena; hobane o lokelwa ke ho shwa.


A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.


Jehova a nthibele hore ke se ke ka isa letsoho ho motlotsuwa wa Jehova. Feela, nka lerumo le pela mosamo wa hae le nkgwana ya metsi, re tsamaye.


Davida a re ho Abnere: Na ha o monna na? Ke mang ya kang wena Iseraeleng? Ha o lebele morena, monga hao, keng, haele moo e mong wa setjhaba a kile a tla ho timetsa morena, monga hao?


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos