Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 26:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 26:10
23 Referencias Cruzadas  

Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Hoja motho ya shwang a ka boela a phela, ke be nka mamella ka matsatsi wohle a ntwa ya ka, ho be ho fihle se seng bakeng sa ka;


Erekaha matsatsi a hae a beilwe, mme palo ya dikgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, ha o beile moedi oo a ke keng a o tlola,


Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng.


Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;


Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.


o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.


nako e teng ya ho tswalwa, e teng nako le ya ho shwa; nako e teng ya ho hloma, e teng nako le ya ho fothola se hlomilweng;


Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?


Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.


Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.


Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;


Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.


Jehova a ahlole mahareng a ka le wena, Jehova a mpheteletse ho wena! Haele letsoho la ka, le ke ke la eba ho wena.


Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


Eitse hobane ho fete tshiu tse leshome, Jehova o otla Nabale, a shwa.


Davida, ha a utlwa hoba Nabale o shwele, a re: Ho bokwe Jehova ya mpheteleditseng ho Nabale, bakeng sa ho nyatsuwa ha ka, ya thibetseng mohlanka wa hae, hore a se ke a etsa hampe. Efela Jehova o buseditse bobe ba Nabale hloohong ya hae. Davida a ntoo romela ho bua le Abigaile, hore o tla mo nka, e be mosadi wa hae.


Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Saule a shwa jwalo ka lona tsatsi leo, le bara ba hae ba bararo, le lehlahana la hae, hammoho le banna bohle ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos