Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Davida a hanela banna ba hae ka taba eo, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Ebile Saule o tsoha fatshe, a tswa lehaheng, a ikela ka tsela ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Davida a kgalemela banna ba hae ka mantswe ana, a se ke a ba dumella ho tsohela Saule matla. Yaba Saule o a ema, o tswa ka lehaheng, o ikela ka tsela ya hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:7
10 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Ha o a ka wa tshaba keng ho isa letsoho la hao ho timetsa motlotsuwa wa Jehova?


ha ke lefetse ka bobe ya neng a phela le nna ka kgotso, ha ke hlobodisitse ya ntlhoileng feela,


Empa nna, ke re ho lona: Ratang bao e leng dira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang;


Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.


A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.


Kamorao, le yena Davida a tsoha, a tswa lehaheng, a howeletsa Saule, a re: Morena, monga ka! Saule ha a reteleha, a bona Davida a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama.


Ho bokwe le kelello ya hao, ho bokwe le wena, hobane o nthibetse kajeno, hore ke se ye ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la ka.


Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos