Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ha motho a fumana sera sa hae, na a ka se tlohela sa ikela se ntse se phela? Morena a ke a o putse ka tse molemo, ka baka la seo o nketseditseng sona kajeno.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:19
8 Referencias Cruzadas  

Jehova o nkentse ka ho loka ha ka, mme o mpuseditse ka ho hlweka ha matsoho a ka.


A re ho mmae: Dishekele tsa silefera tse sekete se nang le lekgolo, tse utswitsweng ho wena, tseo o kileng wa rohaka ka baka la tsona, wa di bolela ke le teng, bona, tjhelete tseo di ho nna; ke nna ke neng ke di nkile. Mmae a re ho yena: Mora ka a ke a hlohonolofatswe ke Jehova!


Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.


a re ho yena: Se tshabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la o fihlela; hape o tla ba morena wa Iseraele, nna ke be ya o hlahlamang; le ntate Saule o a tseba hobane ho tla ba jwalo.


Saule a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, hobane le nkutlwetse bohloko.


Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.


Saule a re ho Davida: Ho bokwe wena, mora ka Davida; leha o ka etsa seo o se etsang, le ho se phetha o tla se phetha. Ebile Davida o ikela ka tsela ya hae, Saule yena a kgutlela hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos