Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Morena wa Iseraele o tswile ho batla mang? O phallela mang? O phalletse ntja e shweleng, kapa letsetse!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Ke mang eo kgosi ya Iseraele e tswileng bosele ka baka la hae? Ke mang eo e mo phaladisang? E phaladisa ntja e shweleng, kapa letsetse!

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:14
9 Referencias Cruzadas  

Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.


Abnere a halefa haholo ke polelo tsa Ishe-Boshethe, a re: Na o re, ke hlooho ya ntja e sebeletsang Juda? Le kajeno, ke ntse ke etsetsa ntlo ya ntatao Saule, le banababo, le bahabo, ka mohau; hape, ha ke a ka ka o neela matsohong a Davida! Leha ho le jwalo o ntjarisa molato kajeno ka mosadi enwa na?


Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!


Ebile Mefiboshethe o kgumama, a re: Mohlanka wa hao keng, ha o tadimile ntja e shweleng, jwalokaha ke le yona na?


Ebile Jesebele, mosadi wa hae, o re ho yena: Ha ke re, ke wena ya renang Iseraeleng kajeno? Tsoha, o je bohobe, pelo ya hao e thabe; ke nna ke tla o nea tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele.


Le lemile bokgopo, le kotutse bolotsana, le jele dijo tsa leshano. Hobane, wena Iseraele, o tshepile metsamao ya hao le bongata ba dinatla tsa hao.


Mofilesta a re ho Davida: A ke ntja, ha o tlile ho nna ka melamu? Yaba Mofilesta o rohaka Davida ka medimo ya hae.


Jwale ke re: Madi a ka a se ke a wela fatshe hole le Jehova, hobane morena wa Iseraele o tswile ho batla letsetse, jwalokaha ho tsongwa mekopjwane dithabeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos