Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hape ntate, bona moleka wa kobo ya hao o letsohong la ka; hobane ke sehile moleka wa kobo ya hao, ke sa o bolaye; o tsebe kahoo, le ho bona hobane ha ho bobe leha e le molato ho nna; hape, ha ke eso ho o sitelwe ka letho; leha ho le jwalo, o ntse o mphallela ho nkamoha ho phela ha ka!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Hape ako bone, ntate: Bona qola ya seaparo sa hao ke ena ka letsohong la ka. Ke ile ka seha qola ya seaparo sa hao, empa ha ke a ka ka o bolaya. Bona he, o be o tsebe hore ha ke a o rerela bobe, kapa ho o fetohela. Ha ke a o sitelwa, empa wena o ntse o laletse hore o mpolaye.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 24:11
22 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Ha o a ka wa tshaba keng ho isa letsoho la hao ho timetsa motlotsuwa wa Jehova?


Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.


Ha ke be nka e emisa, o ne o ya mphallela jwaloka tau, o phethe mehlolo ya hao hodima ka.


SHIN. Marena a ntlhorisa feela; empa pelo ya ka e thothometswa ke mantswe a hao feela.


Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.


Hobane leha ho bo ho se molato, ba tjhekile lemena pela maoto a ka, ba tjheketse bophelo ba ka feela.


Bona, ba tjhehetse bophelo ba ka maraba, Jehova; banna ba bohale ba nkopanetse, ke se na molato, leha e le sebe.


sera a se ke se phallele moya wa ka, se ntshware, se setlakelle bophelo ba ka fatshe, se hulanye kganya ya ka leroleng. (Sela.)


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Ba hlwela metsamao ya rona, hore re se ke ra tsamaya mapatlelong a heso; bofelo ba rona bo haufi, ditshiu tsa rona di phethehile, hobane ho se ho tlile bofelo ba rona.


o re: Morena Jehova o re: Ho madimabe ba rokang mesangwana ya ho apesa dinoko tsohle tsa letsoho, ba etsang mesamelo ya dihlooho tse boholo bofe le bofe, hore ho tshwaswe meya ya batho. Na le re, le ka tshwasa meya ya ba setjhaba sa ka, le ntse le pholositse meya ya lona na?


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.


Davida a tloha, a tsamaya, a ena le batho ba hae, mme a bolaya makgolo a mabedi a Bafilesta; Davida a kgutla le bongala jwa bona, a bo tlisa kaofela ha bona ho morena, e le hore e be mokgwenyana wa morena ka hona; ka baka lena, Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, ho ba mosadi wa hae.


Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.


Bonang ke hona, le tsebe sephiri seo a ipatang ho sona, le ntoo boya le tsebile, ke tle ke ye le lona; etlare ha a dutse lefatsheng lena, ke tla nne ke mmatle, ke be ke qete dikete tsohle tsa Juda.


O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.


A eketsa a re: Ho ya kang ha monghadi wa ka a phallela mohlanka wa hae? Na ke entseng? bobe ke bofe letsohong la ka na?


Jwale ke re: Madi a ka a se ke a wela fatshe hole le Jehova, hobane morena wa Iseraele o tswile ho batla letsetse, jwalokaha ho tsongwa mekopjwane dithabeng.


Jehova a ke a putse e mong le e mong ka toka ya hae le ka bokgabane ba hae, kamoo ke hanneng ho isa letsoho la ka ho motlotsuwa wa Jehova kateng, leha Jehova a ne a o neile matsohong a ka kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos