Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Davida ha a utlwa hobane Saule o mo otsitse, a re ho moprista Abiathare: Tlisa efoda kwano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Davida o ne a tseba hore Saule o ntse a mo rera ka lekunutu; yaba o re ho moprista Abiatare: “Tlisa setipe seo kwano!”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:9
15 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o tsebisa moprista Abiathare, a re: Ikele Anathothe, masimong a hao, hobane o lokelwa ke ho shwa; empa kajeno, nke ke ka o bolaya, kahobane o kile wa jara areka ya Morena Jehova pela ntate Davida, le hobane o kile wa tubeha kahohle kamoo le ntate a ileng a tubeha kateng.


Bitsa ho nna, mme ke tla o araba, ke o bontshe tse kgolo le tse patilweng tseo o sa di tsebeng.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


baapostola ha ba utlwa hoo, ba tshabela metseng e meng ya Likaonia, e leng Listra le Derba, le dinaheng tsa teng.


empa Saule a tsebiswa morero wa bona. Ba ne ba lebela menyako ya motse, motshehare le bosiu, hore ba tle ba mmolaye;


Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.


Saule a re ho Akia: Atametsa areka ya Modimo. Hobane areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele mohlang oo.


E mong wa bara ba Akimeleke, mora Akitube, a phonyoha, lebitso la hae e le Abiathare; a balehela ho Davida.


Davida a re: Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, mohlanka wa hao o utlwile kannete hobane Saule o batla ho tla Keila, le ho fedisa motse ka baka la ka.


Mohla Abiathare, mora Akimeleke, a balehelang ho Davida, o ne a tlile Keila, a ena le efoda.


Saule a mema setjhaba kaofela ho futuha, le ho theohela Keila, le ho thibella Davida le banna ba hae.


Ebile Davida o re ho moprista Abiathare, mora Akimeleke: Ako atametse efoda pela ka. Abiathare a atametsa efoda pela Davida.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos