Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ebile bobedi ba bona ba etsa selekane pela Jehova; mme Davida a sala morung, Jonathane yena a kgutlela hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:18
8 Referencias Cruzadas  

Morena a mpa a qenehela Mefiboshethe, mora Jonathane, mora Saule, ka baka la kano ya Jehova e neng e le mahareng a bona, mahareng a Davida le Jonathane, mora Saule.


Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?


Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ya Jonathane ya holehana le pelo ya Davida, mme Jonathane a mo rata, jwalokaha a ithata.


Ebile Jonathane o hlaba selekane le Davida, hobane a ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?


Davida a ya Nobe, ho moprista Akimeleke; Akimeleke a tshoha, ha a teana le Davida, a re ho yena: Ho ya kang ha o le nnotshi, o se na motho le a mong?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos