Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Jonathane, mora Saule, o tloha, a tla ho Davida morung, a tiisa letsoho la hae ho Modimo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 yaba Jonathane, mora wa Saule, a o tsamaya, o ya ho Davida Horeshe, mme a mo kgothaletsa hore a tshepe Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:16
16 Referencias Cruzadas  

Hape, ka ba hlalosetsa kamoo letsoho le molemo la Jehova, Modimo wa ka, le leng ho nna kateng, ka ba phetela le mantswe ao morena a buileng le nna ka wona. Yaba ba re: A re tloheng, re hahe. Mme ba ikgothaletsa ho etsa mosebetsi oo o motle.


nka be ke le matlafisa ka molomo wa ka, ka le tiisa ka ho bebenya ha melomo ya ka.


Tshepe e leotsa tshepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motswalle wa hae jwalo.


Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


Yaba lengeloi le hlaha ho yena, le etswa lehodimong, la mo matlafatsa.


Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.


O mpe o laele Joshua, o mo kgothatse, o mo natlafatse, hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele, hape ke yena ya tla ba ruisa lefatshe leo o tlang ho le bona.


Haele wena, mora ka o iphe matla mohaung o ho Jesu Kreste.


Leha Davida a bone hobane Saule o tswetse ho mmatla, Davida a dula feelleng la Sife, morung.


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos