Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 22:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Akimeleke o mmotseditse Jehova, a mo nea le mofaho, a mo nea le sabole ya Mofilesta Goliathe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ahimeleke a botsa Morena hore na Davida a etse jwang. A mo fa dijo, a ba a mo nea le sabole ya Goliate wa Mofilesita.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 22:10
11 Referencias Cruzadas  

O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


Ba boela ba botsa Jehova, ba re: Na monna elwa a ke ke a tla mona na? Jehova a re: Bonang, ke yane, o ipatile diphahlong.


Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe.


Ebile morena o romela ho bitsa Akimeleke, mora Akitube, moprista, le bohle ba ntlo ya ntatae, e leng baprista ba leng Nobe. Ba tla kaofela ha bona ho morena.


Saule a re ho yena: Le dumellane keng le mora Jese ho nkwenehela, kamoo o mo neileng bohobe le sabole kateng, wa ba wa mmotsetsa Modimo, e le hore a tlohe, a tle a ntalle, jwalokaha ho le jwale?


Hleka ke qadile mohlang oo ho mmotsetsa Modimo na? Le hanyane! Morena a se ke a jarisa mohlanka wa hae, leha e le bohle ba ntlo ya ntate, taba e kalo; etswe mohlanka wa hao a ne a sa tsebe taba e nyenyane, leha e le e kgolo, ho tseo tsohle.


Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela.


Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.


Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.


Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos