Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 21:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 21:7
21 Referencias Cruzadas  

Empa badisa ba Gerare ba tsekisana le badisa ba Isaaka, ba re: Metsi ana ke a rona. Yaba o rea sediba seo lebitso le Eseke (tseko), kahobane ba tsekisane le yena.


Shithrai wa Sarone a hlahloba makgomo a fulang Sarone; Shafathe, mora Adlai, yena a hlahloba makgomo a dikgutlong.


Jasise Mohagerene yena a hlahloba manku. Kaofela ha bao e ne e le bahlahlobi ba maruo a morena Davida.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Ha ho moditjhaba ya tlang ho ja dintho tse halalelang; esita le moeti wa moprista, leha e le mohlanka wa hae ya lefjwang, ba ke ke ba eja dintho tse kgethehileng.


Empa ekare ha moradi wa moprista e le mohlolohadi, kapa ya hladilweng, a se na bana, mme a kgutlela tlung ya ntatae ho dula teng jwaloka botjheng ba hae, o tla ja dijo tsa ntatae; empa ha ho moditjhaba ya tlang ho di ja.


O tla nka lefi la phofo, o etse mahobe a leshome le metso e mmedi, bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa.


Ka Disabatha tsohle o tla hlahlamanya mahobe ao pela Jehova kamehla, bakeng sa bana ba Iseraele, e be pontsho ya selekane se sa feleng.


Tsatsi la kgwedi e thwasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? Le Sabatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ya mediko ya koro, re tswe re fokotsa tekanyo, re hodisa theko, re fosisa dikala ka ho thetsa?


Setjhaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le nna.


Ebile moo ho fihlang Saule, a etswa naheng, a setse pholo tsa hae morao. Saule a re: Setjhaba se hlahetswe keng, haele moo se lla? Ba mo phetela ditaba tsa banna ba Jabeshe.


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


Davida a re ho Akimeleke: Ana ha ho lerumo, leha e le sabole moo ho wena na? Hobane ha ke a ka ka nka sabole ya ka, leha e le dihlomo tsa ka, hobane taba ya morena e be e mphakisisa.


Akimeleke o mmotseditse Jehova, a mo nea le mofaho, a mo nea le sabole ya Mofilesta Goliathe.


Davida a re ho Abiathare: Ke tsebile mohlang oo ha ke bona Moedomo Doege a le teng, hobane o tla bolella Saule; ke nna eo bohle ba ntlo ya ntatao ba timeditsweng ka baka la hae.


Ebile Doege, Moedomo, ya emeng le bahlanka ba Saule, o re: Ke bone mora Jese a etla Nobe ho Akimeleke, mora Akitube.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos