Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 2:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 “ ‘Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 2:34
10 Referencias Cruzadas  

A bea pontsho ka tsatsi leo, a re: Pontsho ke ena eo Jehova a e boletseng: Bonang aletare e tla petsoha, mme melora e hodima yona e tla tsholoha.


Jwale, haele wena, ema, o ikele tlung ya hao; etlare ha maoto a hao a qala ho kena motseng, ngwana o tla shwa.


Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.


Jwale, ha o hlahelwa ke dipontsho tseo, o tle o etse kamoo o tla iphihlela ho le kateng, etswe Modimo o na le wena.


Monna wa ba heno eo ke sa mo kgaolang aletareng ya ka, o tla salla ho llisa mahlo a hao, le ho hlomola pelo ya hao, mme bohle ba hlahang tlung ya hao, ba tla timela botjheng ba bona.


Mohlang oo, ke tla hlahisetsa Eli tsohle tseo ke di buileng hodima ntlo ya hae, tsa ho qala le tsa ho qetella.


Le areka ya Modimo ya hapuwa, mme bara ba babedi ba Eli, hofni le Finease, ba bolawa.


Ya tlisitseng ditaba a araba, a re: Baiseraele ba balehile pela Bafilesta, le polao e bile kgolo hara setjhaba; le bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease, ba shwele, le areka ya Modimo e bile e hapilwe.


Ebile moo a reang ngwana lebitso la Ikabode (ya se nang letlotlo), ka ho re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng; e le kahobane areka ya Modimo e hapilwe, le ka hobane matsalae le monna wa hae ba shwele.


A rialo, a re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng, hobane areka ya Modimo e hapilwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos