Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 19:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 19:5
26 Referencias Cruzadas  

Yena a ema, a bolaya Bafilesta, ha ba ha kgathala letsoho la hae, la kgomarela sabole. Ke ka yena Jehova a namoletseng Baiseraele haholo mohlang oo, setjhaba sa ba sa kgutla le yena e le hore se hape feela.


Ba ema hare ho tshimo, ba e tseka, mme ba qhala Bafilesta; Jehova a namolela Iseraele ka hlolo e kgolo.


Yaba ba bararo bao ba phunyeletsa hara diahelo tsa Bafilesta, ba ekga metsi sedibeng sa Bethlehema se pela kgoro, mme ba a nka, ba tla le wona ho Davida; empa Davida a hana ho a nwa, a mpa a a tshollela Jehova;


Ba ntefela botle ka bobe, le lerato ka hloyo.


Bophelo ba ka bo beetswe ho timela ka matsatsi wohle; empa ha ke lebale molao wa hao.


E mong le e mong ya itshepetseng wena, a ke ke a swaba; tshwabo ke ya ba iketsetsang bolotsana ka boomo.


Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.


Ba bokanela bophelo ba ya lokileng, ba tswa madi a se nang molato.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.


Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.


a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.


Empa e le hore lentswe le ngodilweng molaong wa bona le etsahale, le reng: Ba ntlhoile feela.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Hobane o kile a atamela lefu ka baka la mosebetsi wa Kreste, a tedile ho phela ha hae, a tle a tlatse tseo le neng le sitwa ho nketsetsa tsona.


ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,


Eitse ha ke bona hobane le sa nnamolele, ha ke a ka ka re letho ka ho phela ha ka, ka mpa ka fetela pele ho bana ba Ammone, mme Jehova a ba neela matsohong a ka. Le tletseng kajeno, ha le tlile ho ntwantsha?


etswe ntate a le lwanetse, a sa re letho ka bophelo ba hae, a le namolela matsohong a Bamidiane;


Saule a re: Ho ke ke ha bolawa motho tsatsing lena, hobane Jehova o lwetse Iseraele haholo kajeno.


Empa setjhaba sa re ho Saule: Hleka Jonathane a ka shwa, e le yena ya namoletseng Iseraele hakakalo na? Le ho leka! Ka Jehova ya phelang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae, hobane kajeno o sebedisane le Modimo. Kahoo, setjhaba sa pholosa Jonathane, hore a se ke a shwa.


Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa.


Jonathane a fetola Saule, ntatae, a re ho yena: O tla bolaelwang? o entseng na?


Akimeleke a arabela morena, a re: Hleka ke mang ho bahlanka bohle ba hao ya kang Davida ka bokgabane? Ebile ke mokgwenyana wa morena, ya ntseng a tsamaya ka taelo ya hao, ya hlomphuwang ka tlung ya hao.


Ka baka leo, mosadi a tla ho Saule; ha a bona hobane o tshohile haholo, a re ho yena: Bona, lekgabunyane la hao le mametse lentswe la hao, ke bile ke tetse bophelo ba ka, ka mamela taba tsa hao tseo o di buileng ho nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos