Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jonathane a hlobola kobo e ho yena, a e nea Davida, a mo nea le diaparo tsa hae, le sabole ya hae, le seqha sa hae, le senyepa sa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jonathane a hlobola seaparo seo a neng a se apere, a se nea Davida. A mo nea le baki e entsweng ka tshepe, le sabole ya hae, le seqha sa hae, le leqhama la hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:4
10 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng.


Seqha sa Jonathane thane se be se sa tshabane le madi a ba hlajwang, le mafura a bahale; le sabole ya Saule e be e sa kgutle feela!


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


ba ikgahlotse matheka ka dinyepa, ba rwetse meqhaka e lepeletseng dihloohong, bao e kang bahlabani kaofela ha bona; e ne e le ditshwantsho tsa bara ba Babilona, naheng ya Kalde, moo ba hlahileng teng;


Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Saule a apesa Davida diaparo tsa hae tsa ntwa, a mo rwesa heleme ya koporo hloohong, a mo apesa le seaparo sa tshepe.


Davida a nna a futuhela hohle moo Saule a mo romang, mme kahohle a etsa ka masene; Saule a mmea le molaodi wa banna ba ntwa; mme setjhaba sohle le bahlanka ba Saule ba kgahlwa ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos