Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: ‘Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.’ ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:25
13 Referencias Cruzadas  

Jakobo a rata Ragele, a re: Ke tla o sebeletsa ka dilemo tse supileng, ha o ka nnea Ragele, moradi wa hao e monyenyane.


mpalleng thepa ya bohadi leha e ka ba kgolo, kapa dimpho, mme ke tla le nea kamoo le mpolellang kateng; empa le nnee morwetsana, e be mosadi wa ka.


Davida a romela manqosa ho Ishe-Boshethe, mora Saule, a re: Nnee Mikale, mosadi wa ka, eo ke inyaletseng yena ka lekgolo la mengala ya Bafilesta.


Yaba Joshua o iketsetsa dithipa tsa mahakwe, a bolotsa bana ba Iseraele leralleng la mengala.


Banna ba Iseraele ba ne ba kgathetse tsatsing leo; empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: Ho rohakwe motho ya jang dijo ho isa mantsiboya, ke be ke iphetetse ho dira tsa ka. Ka baka leo, setjhaba kaofela ha se a ka sa utlwa bohobe.


Davida a re ho banna bao a emeng le bona: Ho tla etsetswang monna ya ka bolayang Mofilesta eo, ya tlosang nyediso Iseraeleng na? Mofilesta eo wa leqai ke motho ya jwang, ha a nyedisa makgotla a Modimo o utlwang?


Tau le yona bere, mohlanka wa hao o di bolaile; mme Mofilesta eo wa leqai o se a ya ba jwaloka tsona, hobane o nyedisitse makgotla a Modimo o utlwang.


Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.


Bahlanka ba Saule ba mo tsebisa, ba re: Davida o buile ka hore le ka hore.


Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos