Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hosasane, moya o mobe o tswang ho Modimo wa tshwara Saule; a bua ka bohlanya a le ka tlung, mme Davida a letsa ka letsoho la hae, jwaloka mehla, Saule a tshwere lerumo letsohong la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:10
17 Referencias Cruzadas  

Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.


Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, hobane Jehova o o neetse matsohong a morena.


Hanania a bolela pontsheng ya setjhaba kaofela, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke tla robakanya jwalo joko ya Nebukadnesare, morena wa Babilona, molaleng wa ditjhaba tsohle, dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe. Mme moporofeta Jeremia a ikela ka tsela ya hae.


Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.


Ke ka baka leo Modimo o tlang ho ba romela moya wa thetso o sebetsang ka matla, ba tle ba dumele bohata;


A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.


Enere ha moya o mobe o tswang ho Modimo o tlela Saule, Davida o ne a nka harepa, a e letse, mme thuso e ne e hlahela Saule, a ikutlwe monate, mme moya o mobe o mo tlohele.


Saule a honohela Davida ke hona, haesale mohlang oo, ho ya ho ile.


Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo.


Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele.


Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae.


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos