Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:53 - Sesotho 1909/1961 (SO)

53 Bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela Bafilesta, ba hapa le diahelo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

53 Ha bana ba Iseraele ba kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, ba fihla ba hapa tse ka diahelong tsa Bafilesita.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:53
7 Referencias Cruzadas  

Yena a ema, a bolaya Bafilesta, ha ba ha kgathala letsoho la hae, la kgomarela sabole. Ke ka yena Jehova a namoletseng Baiseraele haholo mohlang oo, setjhaba sa ba sa kgutla le yena e le hore se hape feela.


Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.


Tshenyo e ye e bitse tshenyo e nngwe, hobane ho tla senngwa lefatshe lohle, ditente tsa ka di ya senngwa hang le yona metlotlwane ya ka.


Banna ba Iseraele le ba Juda ba ema, ba hlaba ditlatse, ba phallela Bafilesta, ho isa sekgutlong le kgorong tsa Ekrone; Bafilesta ba nna ba wa ba hlabilwe, ho ya le tsela ya Shaaraime, ho ya fihla Gathe le Ekrone.


Haele Davida, a nka hlooho ya Mofilesta a e isa Jerusalema; le dihlomo tsa hae a di bea tenteng ya hae.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos