Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le dipolokwe tsena tsa mafi tse leshome, o di ise ho molaodi wa sekete sa bona, mme o bone hore na banabeno ba sa dutse hantle, o ntoo boya le taba tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Direledi tsena tse leshome o di ise ho molaodi wa ba sekete. O botse bana beno hore na ba ntse ba phela jwang, o be o ntlele le se pakang hore ba ntse ba phela hantle.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:18
13 Referencias Cruzadas  

Yaba Iseraele o re ho Josefa: Ha ke re, banabeno ba alositse Sikeme? Tloo, ke o romele ho bona. A re ho yena: Ke nna enwa.


Yaba o re ho yena: Ako ye hle, o bone hore na ho ntse ho dutswe hantle ke banabeno le ke mehlape, o ntoo ntlela le ditaba. Yaba o mo roma a le sekgutlong sa Hebrone, mme a ya Sikeme.


le dinotshi, le sereledi, le dinku, le mafi; ba di tlisetsa Davida le setjhaba seo a nang le sona, e be dijo tsa bona, ba re: Setjhaba se lapile, se kgathetse, se nyorilwe ka baka la nahathothe.


Ka tsatsi le leng le le leng, Mordekai o ne a itsamaela pela lebala la ntlo ya basadi, a tle a tsebe kamoo Esthere a dutseng kateng, le se tla mo hlahela.


Na hase wena o ntsholotseng jwaloka lebese, wa nqhatsa jwaloka mafi a tiileng?


Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.


Eitse hobane ho fete matsatsi a se makae, Pauluse a re ho Barnabase: Ha re boeleng re etele baena ba rona metseng yohle eo re boletseng lentswe la Morena ho yona, re bone kamoo ba dutseng kateng.


Kahoo, ba fapohela teng, ba kena tlung ya mohlankana wa Molevi, tlung ya Mika, mme ba mmotsa tsa ho phela ha hae.


Jese a nka esele ya ho belesa bohobe le lekuka la veine le potsanyane, a di romela ho Saule ka mora hae Davida.


Saule, le bona, le banna bohle ba Iseraele ba ne ba le thoteng ya Ela, ba lwana le Bafilesta.


Ka baka lena, Davida a roma bahlankana ba leshome, mme Davida a re ho bahlankana: Nyolohelang Karmele, le ye ho Nabale, le mo dumedise ka lebitso la ka.


Davida ha a kgutlela ho banna bao ba makgolo a mabedi ba sitilweng ke mokgathala ho sala Davida morao, e leng ba setseng molapong wa Besore, ba tswela ho kgahlanyetsa Davida le ho kgahlanyetsa setjhaba seo a nang le sona; mme Davida ha a ba atamela, a ba dumedisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos