Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mohlang oo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona ho futuha, mme ba phuthehela Soko wa Juda, ba tla, ba emisa mahareng a Soko le Aseka, pela Efese-Dammime.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bafilesita ba kgobokanya mabotho a bona hore a ye ntweng; ba a kgobokanya Soko e naheng ya Juda. Ba hloma pakeng tsa Soko le Aseka e naheng ya Efese-Damime.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:1
11 Referencias Cruzadas  

Ke yena ya neng a emele Davida Pase-Dammime. Bafilesta ba ne ba phuthehetse teng ka ntwa; teng, ho ne ho na le lebatowa la tshimo le tletseng harese; ke mohla setjhaba se neng se balehetse Bafilesta.


Bethe-Tsure, Soko, le Adullame,


Le bona Bafilesta ba ne ba futuhetse metse e lehwatateng le ka nqa borwa ho Juda, ba hapa Bethe-Shemeshe, le Ajalone, le Gederothe, le Shoko le metsana ya teng, le Thimna le metsana ya teng, le Gimso le metsana ya teng, mme ba aha ho yona.


Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.


Jarmuthe, Adullame, Soko, Aseka;


Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe.


Haele Bafilesta, ba phutheha ho futuhela Iseraele ka dikete tse mashome a mararo tsa makoloi, le kete tse tsheletseng tsa bapalami, le ka setjhaba se ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. Ba tla, ba emisa Mikmashe, ka botjhabatsatsi ho Bethe-Avene.


Yaba Saule o kgutlela Bafilesta, mme Bafilesta ba ikela ha habo bona.


Ntwa e kgolo ya nna ya eba teng ya Saule le Bafilesta ka tshiu tsohle tsa hae. Mme Saule, enere ha a bona monna ya matla, leha e le monna ya bohale, o ne a inkela yena.


Bafilesta ha ba utlwa hore bana ba Iseraele ba phuthehile Mitspe, marena a Bafilesta a tswa, a futuhela Iseraele. Bana ba Iseraele ha ba utlwa hoo, ba tshaba Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos