Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha ba fihla, a bona Eliabe, a re: Ruri, motlotsuwa wa Jehova o pela hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha ba se ba fihlile, Samuele a bona Eliabe, mme a re: “Ruri motlotsuwa wa Morena ke enwa kapele ho Morena.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:6
10 Referencias Cruzadas  

Jeroboame a bua pelong ya hae, a re: Jwale, mmuso o tla boela tlung ya Davida;


Ke Bene-Abinadabe, sehlabeng sohle sa Dore; mosadi wa hae e ne e le Thafathe, moradi wa Salomone.


Jese a tswala Eliabe letsibolo la hae, le Abinadabe moenae; wa boraro ke Shimea,


wa Juda e ne e le Elihu, e mong wa banababo Davida; wa Issaskare e ne e le Omri, mora Mikaele;


Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nkgethe hara bohle ba ntlo ya ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng; hobane o fela a kgethile Juda ho mo etsa motsamaisi; tlung ya Juda o kgethile ntlo ya ntate, mme hara bara ba ntate o kgahlilwe ke nna ho nketsa morena wa Baiseraele bohle.


Roboame a inkela mosadi: ke Mahalathe, moradi wa Jerimothe, mora Davida le Abihaile, moradi wa Eliabe, mora Jese.


Oho Modimo, thebe ya rona, tadima, o bone sefahleho sa motlotsuwa wa hao.


A ntoo re ho Seba le Tsalmunna: Banna bao le ba bolaileng Thabore e ne e le ba jwang? Ba re: Ba ne ba tshwana le wena; e mong le e mong e ne e ka mora morena.


Bara ba Jese ba bararo ba baholo ba ne ba latetse Saule ntweng. Mabitso a bara ba hae ba bararo ba ileng ntweng, la wa matsibolo e ne e le Eliabe, la ya mo hlahlamang e le Abinadabe, la wa boraro e le Shamma.


Davida a siya phahlo ya hae matsohong a molebedi wa phahlo, a titimela ntweng; a fihla, a dumedisa banababo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos