Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Samuele a eketsa a re ho Jese: Na bao ke bara ba hao kaofela na? A re: Ho sa setse e monyenyane; o mpa a disitse dinku. Samuele a re ho Jese: Romela ho mo lata, hobane re ke ke ra dula dijong, a eso ho fihle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Samuele a re ho Jese: “Na ha o sa na bara ba bang?” Jese a re: “Wa ho fela o sa le teng, feela yena ke modisana wa dinku.” Samuele a re ho Jese: “Roma motho a yo mo lata, hobane re ke ke ra ba ra ja a eso ka a fihla mona.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:11
8 Referencias Cruzadas  

Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo.


Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, kamora dinku, hore ke o bee motsamaisi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


Jese a fetisa bara ba hae ba supileng jwalo pela Samuele, empa Samuele a re ho Jese: Jehova bao ha a ba kgethe.


Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos