Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ebile Saule o re: A re theoheng, re phallele Bafilesta le bosiu, re tle re ba qete ho isa ka meso, re se ke ra lesa le a mong ho bona. Ba re: Etsa kahohle kamoo o ratang kateng. Empa moprista a re: A re atameleng ho Modimo mona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 Yaba Saule o re: “A re theoheleng ho Bafilesita, re ba phaladise ho fihlela bosiu bo esa. Re hape dintho tsa bona, mme re se ke ra siya monna le ya mong wa bona.” Setjhaba sa re: “Etsa seo wena o bonang se lokile.” Jwale moprista a re: “A re atameleng mona, pela Modimo.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:36
14 Referencias Cruzadas  

Empa haele nna, ho ba haufi le Modimo, ke molemo ho nna; ke beile setshabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ya hao kaofela.


Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.


Tsohang, re nyoloheleng ho yena bosiu, re senye diqhobosheane tsa hae.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


empa le se ka la ema; le phallele dira tsa lona, le bolaye marao a tsona; le se ka la dumela hobane ba kene metseng ya bona; hobane Jehova, Modimo wa lona, o ba neetse matsohong a lona.


Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.


Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.


Hosasa, Saule a hlopholla setjhaba, a etsa makgotla a mararo; ba kena hara diahelo ka nako ya tebelo ya meso, mme ba bolaya Baammone, ya ba ya eba motshehare; ba phonyohileng ba qhalanngwa, ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi.


Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos