Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka tsatsi le leng, Jonathane, mora Saule, a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re fetele ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng mose wane, maloka le mona. A mpa a se ke a tsebisa ntatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka letsatsi le leng Jonathane, mora wa Saule, a re ho mohlankana ya jarang dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele ho bahlabani ba Bafilesita ba laletseng, ba kamose wane.” Empa a se ke a tsebisa ntatae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:1
13 Referencias Cruzadas  

Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a harola tau, jwalokaha ho harolwa potsanyane, a sa tshwara letho matsohong a hae; empa a se ke a tsebisa ntatae le mmae seo a se entseng.


A nka mafura diatleng tsa hae, mme a tloha, a tsamaya a ntse a eja; eitse ha a fihla ho ntatae le mmae, a ba fa, mme le bona ba eja; a mpa a se ke a ba tsebisa hobane o nkile mafura a dinotshi sefifing sa tau.


Yaba Gideone o nka batho ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme kahobane a ne a tshaba ba ntlo ya ntatae, le batho ba motse, a etsa bosiu, e seng motshehare.


Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.


Ha ho le jwalo, tsatsing la ntwa, ha ho a ka ha fumanwa sabole leha e le lerumo matsohong a setjhaba kaofela se dutseng ho Saule le Jonathane, tsa fumanwa ho Saule le ho Jonathane, mora hae, feela.


Mohlang oo, ba qhobosheaneng ya Bafilesta ba tswela lekgalong la Mikmashe.


Haele Saule, o ne a ntse a dutse pheletsong ya Gibea, tlasa sefate sa garanata, se leng Migrone, setjhaba se dutseng ho yena e batla e le batho ba makgolo a tsheletseng.


A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, nna ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna wa hae Nabale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos