Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Baiseraele bohle, ha ba utlwa hobane Saule o qhadile ba qhobosheaneng ya Bafilesta, le hobane Baiseraele kaofela ba fetohile ntho e nkgang hampe ho Bafilesta, setjhaba sa memelwa ho Saule, Gilgale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Baiseraele bohle ha ba utlwa ho thwe Saule o hlotse lebotho la Bafilesita, le hore Bafilesita ba hloile Baiseraele, setjhaba sa phuthehela ho Saule a le Gilegale.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:4
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi: Le ntsieditse ka ho nketsa sebodu ho baahi ba naha, ho Bakanana le ho Bafarese, kanthe batho ba ka ha ba bakae, mme jwale ba tla mpokanela, ba mpolaye, mme ke tla timetswa nna le ntlo ya ka.


le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida; yaba bana ba Ammone ba romela ho mema Basiria ba Bethe-Rehobe, le Basiria ba Tsoba, e le batho ba mashome a mabedi a dikete ba maoto, ba morena wa Maaka e le ba sekete se le seng, le ba Tobe e le ba dikete tse leshome le metso e mmedi.


ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.


Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.


Jwale, Jehova a re ho Joshua: Kajeno, ke phikolositse sekgobo sa Egepeta, ke se tlositse ho lona. Ka baka leo, nqalo eo e reilwe lebitso la Gilgale (phikoloso), le kajeno.


O tla nketella pele ho ya Gilgale, hobane ke tla theohela ho wena teng, ke tle ke hlabe mahlabelo a ditjheso le a diteboho. O ke o ntebelle tshiu tse supileng, ke be ke fihle ho wena, ke o tsebise seo o tla se etsa.


Akishe yena a tshepa Davida, a re: Ruri, o ikentse ya nkgang hampe ho setjhaba sa habo sa Baiseraele; e tla nne e be mohlanka wa ka kamehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos