Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Samuele a re ho Saule: O entse ka bothoto, ha o sa ka wa boloka taelo ya Jehova, Modimo wa hao, eo a o laetseng yona; athe Jehova a ka be a tiisitse borena ba hao Iseraeleng ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 13:13
23 Referencias Cruzadas  

Ha o a ka wa mpha sebaka sa ho aka bara ba ka le baradi ba ka. Jwale, o entse ka bothoto, ha o entse jwalo.


Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.


Yena a re: Hase nna ke ferekanyang Iseraele, ke wena le ntlo ya ntatao, etswe le furaletse melao ya Jehova, mme o latetse Bobaale.


Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Saule a shwa jwalo ka baka la boikgantsho ba hae, boo a neng a ikgantsheditse Jehova ka jona, bakeng sa lentswe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a ne a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse ditaba ho bona,


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


ya tumisang bokgopo ba marena le bolotsana ba mahosana,


Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.


Bowatla ba motho bo mo kgelosa tsela, eba pelo ya hae e hlonamela Jehova!


Yaba Esaia o re ho Esekiase: Mamela lentswe la Jehova wa makgotla.


ha se ka etsa bobe pela ka, sa hana le ho utlwa lentswe la ka, le nna ke tla kgutla molemong oo ke neng ke boletse hore ke tla o etsetsa sona.


Anna a mpa a se ke a ya, a re ho monna wa hae: Mohla ngwana a kgwesitsweng, ke hona ke tla mo isa, a tle a hlahiswe pela Jehova, mme a dule teng kamehla.


ka re: Bafilesta ba se ba ya theoha ho ntwantsha Gilgale, mme ha ke eso ho bee thapelo ho Jehova; ke ikgothaditse ke hona, mme ka etsetsa Jehova setjheso.


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.


Samuele a re ho yena: Le wona mmuso wa Iseraele Jehova o o hahotse jwalo hodima hao kajeno, o o neile wa heno ya o fetang ka bokgabane.


Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos