Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Samuele a re ho setjhaba: Se tshabeng; leha le entse bobe bo bokalo, feela le se ke la furalla Jehova, le sebeletse Jehova ka pelo tsohle tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Samuele a re ho setjhaba: “Le se ke la tshaba. Ruri, lona bohle, le entse bobe bona bohle. Empa le se ke la furalla Morena; le sebeletse Morena ka dipelo tsa lona tsohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:20
15 Referencias Cruzadas  

Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Nke ke ka bea letho le lebe pela mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ya batlodi; e ke ke ya nkgomarela.


Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


Ho lehlohonolo motho ya beang tshepo ya hae ho Jehova, ya sa tlwaeleng baikgantshi le ba ineetseng leshano.


Sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, mme o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi a hao, mme lefu ke tla le kgelosa ho wena.


Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba: Le sitilwe ka tshito e kgolo; jwale, a nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya tshito ya lona.


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


lentswe la selekane seo ke se hlabileng le lona, mohla le tswileng Egepeta, le moya wa ka, di eme hara lona. Se tshoheng!


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Iponeleng, pelo tsa lona di se ke tsa thetswa, mme le se ke la kgeloha, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela;


Hobane ke a tseba hoba ha ke se ke shwele le tla itshenya ruri; mme le tla fapoha tsela eo ke le laetseng yona; mme mehleng ya morao, le tla hlahelwa ke tlokotsi, kahobane le tla etsa ho leng hobe pela Jehova, mme le tla mo phephetsa ka mesebetsi ya matsoho a lona.


Tiyang matla haholo ke hona ho boloka le ho etsa tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao wa Moshe, hore le tle le se ke la di kgeloha ka ho ya ho le letona, leha e le ho le letshehadi.


Le be le letswalo le letle, hore, tabeng tsona tseo ba le etselletsang ho tsona, jwaloka hoja le le disenyi, bona bao ba sebang metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.


Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos