Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Maqosa a fihla Gibea, motseng wa Saule, mme a bolela mantswe ana moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa lla.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 11:4
15 Referencias Cruzadas  

Esau a re ho ntatae: A ke yona hlohonolofatso ya hao e nnotshi, ntate? Oho, ntlhohonolofatse le nna, ntate! Yaba Esau o phahamisa lentswe la hae, a lla.


a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


E moholo ho bona ke Akiesere, e mong ke Joase, bara ba Shemaa wa Gibea; Jesiele, le Pelethe, bara ba Asmavethe, le Beraka, le Jehu wa Anathothe,


Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.


Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.


Jarelanang diphahlo, mme le phethe jwalo molao wa Kreste.


Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona.


Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Yaba bana bohle ba Iseraele le setjhaba sohle ba nyoloha, ba ya Bethele, ba lla ba ntse ba eme hona teng pela Jehova; ba itima dijo ka tsatsi leo, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho pela Jehova.


Setjhaba sa ya Bethele; ba dula teng pela Modimo, ha ba ha eba mantsiboya, ba lla, ba bokolla ka pokollo e kgolo haholo.


Le yena Saule a ya ha hae Gibea, a ena le sehlopha sa batho bao dipelo tsa bona di amilweng ke Jehova.


Haele Saule, o ne a ntse a dutse pheletsong ya Gibea, tlasa sefate sa garanata, se leng Migrone, setjhaba se dutseng ho yena e batla e le batho ba makgolo a tsheletseng.


Jwale, Samuele a ikela Rama, Saule yena a ya ha hae Gibea wa Saule.


Ebile Davida le setjhaba se ho yena ba lla, ba bokolla, ho fihlela ba ba ba fellwa ke matla a ho lla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos