1 Samuele 11:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Hosasa, Saule a hlopholla setjhaba, a etsa makgotla a mararo; ba kena hara diahelo ka nako ya tebelo ya meso, mme ba bolaya Baammone, ya ba ya eba motshehare; ba phonyohileng ba qhalanngwa, ha ba ha hlokahala ba tsamayang ka bobedi. Ver CapítuloBIBELE11 Ka la hosasane Saule a arola setjhaba dihlopha tse tharo. Setjhaba sa fihla sa ikakgela kahara diahelo tsa Baamone e sa le ka madungwadungwana. Sa bolaya Baamone ho fihlela ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Masalla a Baamone a phasaphasa, ha se ke ha eba le ba babedi ba balehang ba le mmoho. Ver Capítulo |