Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mohlang oo, Nahashe, Moammone, a tla thibella Jabeshe-Gileade; banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: Hlaba selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 11:1
23 Referencias Cruzadas  

Ba re: Ke kahobane re bona kannete hoba Jehova o na le wena, mme re re: Kano e ke e be teng pakeng tsa rona le wena, re hlabe selekane le wena,


Kamora tseo, morena wa bana ba Ammone a timela, mme Hanune, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Yaba Davida o re: Ke tla etsa Hanune, mora Nahashe, hantle, kamoo le ntatae a kileng a nketsa hantle kateng. Kahoo, Davida a roma bahlanka ba hae ho ya mo tshedisa bakeng sa ho shwa ha ntatae. Bahlanka ba Davida, ha ba fihla naheng ya bana ba Ammone,


Davida ha a fihla Mahanaime, Shobi, mora Nahashe wa Rabba, wa bana ba Ammone, le Makire, mora Ammiele wa Lodebare, le Barsillai, Mogileade wa Roglime,


Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.


Ben-Hadade a re: Metse eo ntate a e amohileng ntatao ke tla e busa; o tla iketsetsa diterata Damaseka, jwalokaha ntate a ne a iketseditse Samaria. Akabe a re: Ke tla o tlohela o ikele ka baka la selekane sena. Yaba o tlabola selekane le yena, a mo tlohela a ikela.


Eitse ha bohle ba Jabeshe-Gileade ba utlwa tsohle tseo Bafilesta ba di entseng ka Saule,


banna bohle ba matla ba ya, ba tlosa setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae, ba di tlisa Jabeshe. Ba pata masapo a bona tlasa sefate sa terebinthe se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.


Na e tla itlama ho wena hore e tla o sebeletsa kamehla na?


O se ke wa etsa selekane le bona, kapa le medimo ya bona.


Le se ke la mamela Esekiase; hobane morena wa Assiria o re: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;


Hape, le Bajuda kaofela ba neng ba le Moabe, le setjhabeng sa bana ba Ammone, le Edomo, le ba neng ba le mafatsheng wohle a kamathoko, ba utlwa hobane morena wa Babilona o sietse Juda masala, le hobane o beile Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, modisa wa bona.


ba re ho yena: Ha re re, o a tseba hobane Baalise, morena wa bana ba Ammone, o romile Ishmaele, mora Nethania, ho o bolaya na? Empa Gedalia, mora Akikame, ha a ka a dumela.


A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,


Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Jehova; esita le ditlohotloholwana tsa bona tsa leloko la leshome di ke ke tsa kena phuthehong ya Jehova, le ka mohla o le mong;


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Bafilesta le matsohong a bana ba Ammone.


Ha isaisa, bana ba Ammone ba futuhela Baiseraele.


Ke ha ba tla re: Ana ke bafe ba meloko ya Iseraele ba sa kang ba nyolohela ho Jehova, Mitspe, na? Yaba ba fihlela hobane ho se le a mong wa Jabeshe-Gileade ya nyolohetseng diahelong le phuthehong.


Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos