Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kamorao, o tla fihla Gibea-Elohime, moo qhobosheane ya Bafilesta e leng teng; etlare ha o fihla motseng, o tla teana le sehlopha sa baporofeta ba theohang nqalong e phahameng, ba eteletswe pele ke phala le moropa le lesiba le harepa, ba ntse ba porofeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:5
27 Referencias Cruzadas  

Motshehare wa mantsiboya, ba be ba ntse ba porofeta; ha e batla ho ba nako ya ho hlahisa sehlabelo, ho no ho eso ho be lentswe, ho se karabo, ho se ya ba mamelang.


Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.


Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.


Teng, bara ba baporofeta ba Jeriko ba re ho Elisha: Ana o a tseba hoba Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? Yena a re: E, ke a tseba; kgutsang.


Ebile ho tla teng banna ba mashome a mahlano, e le bara ba baporofeta, ba ema mabapa le bona, ba le sebakanyana; bona ba babedi ba ema lebopong la Jordane.


Jwale, ntlisetseng moletsi wa harepa. Yare ha moletsi wa harepa a letsa harepa, letsoho la Jehova la eba hodima Elisha.


Yaba Elisha o boela Gilgale; tlala e ne e wele naheng, mme bara ba baporofeta ba tla, ba dula pela hae. A re ho mohlankana wa hae: Hlatleha ka pitsa eo e kgolo, o apehele bara ba baporofeta moroho.


Bara ba baporofeta ba re ho Elisha: Bona, nqala eo, eo re ahileng ho yona pela hao e nyenyane.


Mohlang oo, Davida o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le teng Bethlehema.


Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


E moholo e ne e le Asafe; ba mo hlahlamang ke Sakaria, le Jeiele, le Shemiramothe, le Jehiele, le Matthithia, le Eliabe, le Benaia, le Obed-Edomo, le Jeiele, ba tshwere diletsa, le diviole, le diharepa; Asafe yena o ne a letsa disimbala.


Ke sekehela polelo tsa hlalefo ditsebe tsa ka, ke lotha selotho sa ka, ke ntse ke letsa harepa.


ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.


Phehellang lerato. Leha ho le jwalo, le tjhesehelle dineo tsa Moya, haholo ya ho porofeta.


Eitse ha a fihla Gibea, a bona sehlopha sa baporofeta se mo kgahlanyetsa; yaba moya wa Modimo o a mo tshwara, a porofeta hara bona.


Ba tla o dumedisa, ba o fe polokwe tse pedi tsa bohobe, tseo o tla di amohela matsohong a bona.


Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.


Jonathane a qhala ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng Gibea, mme Bafilesta ba utlwa. Ebile Saule o letsa terompeta naheng yohle, a re: Baheberu ba utlwe!


Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona.


Ba ba fetola, ba re: Se teng; bona, ke sona seo, se pela hao; phakisa hle, hobane kajeno se tlile motseng, hobane kajeno ho hlabelwa setjhaba nqalong e phahameng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos