Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le yena Saule a ya ha hae Gibea, a ena le sehlopha sa batho bao dipelo tsa bona di amilweng ke Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Saule le yena a ya ha hae, Gibea, mme bahlabani bao Morena a neng a ba kentse moyeng ba tsamaya le yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:26
12 Referencias Cruzadas  

a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.


Yare ha baditjhaba ba utlwa hoo, ba thaba, ba tlotlisa lentswe la Morena; mme bohle ba neng ba kgethetswe bophelo bo sa feleng ba dumela.


wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Tsela, Elefe le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeathe, le Kiryathe: ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ke leo lefa la Babenjamine ka matlo a bona.


Bana ba Benjamine ba tswa metseng ya bona, ba bokana Gibea, ho ya lwana le bana ba Iseraele.


Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.


Saule a ikgethela kete tse tharo tsa Baiseraele; kete tse pedi tsa dula ho Saule, Mikmashe, le thabeng ya Bethele, se seng sa dula ho Jonathane, Gibea wa Benjamine; haele ba setseng ba setjhaba, a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae.


Jwale, Samuele a ikela Rama, Saule yena a ya ha hae Gibea wa Saule.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos