Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 10:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Samuele a re ho setjhaba kaofela: Na le a bona hobane ya kgethilweng ke Jehova hara setjhaba sohle, ha ho e mong ya jwaloka yena na? Mme setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: A ho phele morena!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le mmone ya kgethilweng ke Morena? Le hore ha ho le ya mong ya tshwanang le yena hara setjhaba sohle?” Setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 10:24
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Hushai Moarke, motswalle wa Davida, o tla ho Absalome; Hushai a re ho Absalome: A ho phele morena! A ho phele morena!


a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!


a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!


Moprista a tlisa mora wa morena, a mo rwesa moqhaka le bopaki; ba mmea morena, ba mo tlotsa; mme ba opa ka diatla, ba re: Ha ho phlele morena!


Ba tlisa mora morena, ba mo rwesa moqhaka le bopaki, ba mmea morena, mme Jehojada le bara ba hae ba mo tlotsa, ba re: Ha ho phele morena!


Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


o ipeele morena ya tla kgethwa ke Jehova, Modimo wa hao; motho ya tla bewa morena ke wena, e be e mong wa banabeno; o ke ke wa bea moditjhaba, e leng motho eo e seng ngwaneno.


Setjhaba sohle sa ya Gilgale, ba boela ba bea Saule morena pela Jehova; ba hlaba mahlabelo a teboho pela Jehova, mme teng Saule le banna bohle ba Iseraele ba thaba haholo.


Ebile Samuele o re ho Baiseraele bohle: Le ka bona hobane ke mametse mantswe a lona kahohle kamoo le mpoleletseng kateng, ka ba ka le beela morena.


Jwale, ke enwa morena eo le ikgethetseng yena, eo le mo kopileng; bonang, Jehova o le neile morena.


O ne a na le mora ya bitswang Saule, e le mohlankana e motle, ho se monna hara bana ba Iseraele ya mo fetang ka botle; o ne a feta le bohle ba setjhaba ka bolelele, a tswile ka mahetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos