Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Monna eo o na a ye a tlohe motseng wa habo ka selemo se seng le se seng, ho ya rapela le ho hlabela Jehova wa makgotla Silo. Ke moo bara ba Eli ba babedi, Hofni le Finease, e neng e le baprista ba Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka selemo se seng le se seng monna eo o ne a ye a tlohe motseng wa habo, a ye Shilo ho ya kgumamela Morena wa mabotho, le ho mo etsetsa sehlabelo. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, e ne e le baprista ba Morena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:3
22 Referencias Cruzadas  

Yaba o tlohela tabernakele ya Silo, tente eo o neng o dutse ho yona hara batho,


O nketsetse mokete hararo ka selemo.


Hararo ka selemo, ba batona ba hao bohle ba tle ba hlahe pela Morena Jehova.


Ba batona ba lona ba hlahe hararo ka selemo pela Morena Jehova, Modimo wa Iseraele.


Baholo ba hae ba ne ba eya Jerusalema ka dilemo tsohle, moketeng wa Paseka.


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e bokana Silo, ya hloma tente ya pokano teng; ke ha lefatshe le se le hapilwe ke bona.


Ba ikemisetsa setshwantsho se betlilweng, se entsweng ke Mika, mme ha nna ha eba jwalo ka ditshiu tsohle tseo ntlo ya Modimo e nnileng ya eba Silo ka tsona.


Ba re: Bonang, mokete wa Jehova o teng Silo ka selemo se seng le se seng, ka nqa leboya ho Bethele, le ka nqa botjhabatsatsi ho tsela e tlohang Bethele ho ya nyolosetsa Sikeme, le ka nqa leboya ho Lebona.


Monna eo Elkana le ba ntlo ya hae kaofela ba tloha ho ya hlabela Jehova sehlabelo sa dilemo tsohle le sa kano ya hae.


Empa mohlomong, hobane ho jewe, ho nowe Silo, Anna a tloha, moprista Eli a dutse setulong pela monyako wa tabernakele ya Jehova.


Akia, mora Akitube, ngwanabo Ikabode, mora Finease, mora Eli, e ne e le moprista wa Jehova, Silo, a apere efoda. Mme setjhaba se ne se sa tsebe hobane Jonathane o ile.


Hape, mmae o ne a mo etsetsa seaparonyana ka dilemo tsohle, a mo tlisetse sona mohla ba tlang le monna wa hae ho hlaba sehlabelo sa selemo se seng le se seng.


Seo e tla ba pontsho ho wena, ke se tla hlahela bara ba hao ba babedi, Hofni le Finease: ba tla shwa ba babedi ka tsatsi le le leng.


Ke se nkile ka mo tsebisa hobane ke tla ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela; hobane leha a ne a ntse a tseba bokgopo ba bara ba hae, kamoo ba ntseng ba ipha bolotsana kateng, ha a ka a ba tshwara.


Le areka ya Modimo ya hapuwa, mme bara ba babedi ba Eli, hofni le Finease, ba bolawa.


Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos