Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha isaisa, Anna a emola, mme a tswala moshemane, a mo rea lebitso la Samuele (Modimo o utlwile), ka ho re: Ke mo kopile ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 1:20
13 Referencias Cruzadas  

Hape, lengeloi la Jehova la re ho yena: Bona, o emotse, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Ishmaele, hobane Jehova o mametse ho hloriswa ha hao.


Yaba Modimo o hopola Ragele, Modimo wa ba wa mo utlwa, wa thibolla popelo ya hae.


Adama a boela a tseba mosadi wa hae, mme a tswala mora, a mo rea lebitso la Setha, a re: Ke hoba Modimo o mphile ngwana e mong sebakeng sa Abele ya bolailweng ke Kaine.


A mo rea lebitso la Nowe, a re: Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona le mokgathaleng wa matsoho a rona ho tswang lefatsheng le rohakilweng ke Jehova.


Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.


Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.


Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.


A tswala mora, a mo rea lebitso la Gershome, a re: Ke mojaki naheng ya ditjhaba.


O tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu; hobane ke yena ya tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.


Mme nka eketsa ka bolela dife? Athe nka fellwa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, le tsa Davida, le tsa Samuele, le tsa baporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos