14 Ebile Eli o re ho yena: O tla tahwa ho le hokae? Hlaphohelwa veine ya hao.
14 Yaba Eli o re ho yena: “O tla tahwa ho fihlela neneng? Ako hlaphohelwe botahweng bona ba hao!”
ha o ka suthisa bobe pela hao, wa bo hlohlorela hole, o sa lese bokgopo bo ikgahela tenteng ya hao,
Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.
Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?
Le tla phehella ho isa kae ho rusolla motho, ha le tla mo dikanela kaofela, jwalokaha ho dikanelwa lerako le sekameng le motero o heletswang?
O lelekise leleme le kgopo, o nene molomo o mano.
Hela wena, sekgoba towe! o tla robala ho le hokae na? O tla soha neneng borokong ba hao na?
Empa ba bang ba soma, ba re: Ba kgotshe veine e tswai.
Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.
Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.
Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona.