1 Marena 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele. Ver CapítuloBIBELE4 Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’ Ver Capítulo |
Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.
Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.