Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Salomone a mo arabela dipotso tsohle tsa hae ho se ke ha eba taba le e nngwe e hlolang morena, eo a sa kang a mo hlalosetsa yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae; ha se ke ha eba le letho le thatafallang kgosi, leo e sitwang ho le hlalosa.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 10:3
16 Referencias Cruzadas  

Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


Ke mohlanka wa hao, Joabe ya entseng mokgwa oo, hore taba eo e tsamaiswe ka mokgwa o mong. Haele monga ka, o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, ho tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.


Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.


A fihla Jerusalema ka letshwele le leholo, le ka dikamele tse bofileng dibano le kgauta e ngata haholo le mahakwe a bohlokwa; a fihla ho Salomone, a mmehela tsohle tseo a di hopotseng pelong ya hae.


Eitse mofumahadi wa Sheba ha a bona bohlale bohle ba Salomone, le ntlo eo a e hahileng,


bona, ke se ke entse kamoo o boletseng kateng. Bona, ke o nea pelo e kelello le kutlwisiso; le pele ha ho a ka ha eba le a mong ya kang wena, le morao ho ke ke ha hlaha le a mong ya kang wena.


Salomone a mo araba dipotsong tsa hae tshole, ho se ke ha eba taba le e nngwe e hlolang Salomone, kapa eo a sa kang a mo hlalosetsa yona.


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos