Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tloo jwale, nke ke o eletse, o tle o boloke bophelo ba hao le ba mora hao Salomone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka baka leo, ere ke o eletse, o tle o tsebe ho ipholosa, le ho pholosa mora wa hao, Solomone.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 1:12
14 Referencias Cruzadas  

Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.


Eya, o kene ka ho morena Davida, o mmolelle, o re: Oho morena, monga ka, na ha o a ka wa hlapanyetsa lekgabunyane la hao, wa re: Salomone, mora hao, o tla busa kamora ka, a dule teroneng ya ka na? Ho ya kang, ha Adonija e le morena?


Ha ho se jwalo, etlare morena, monga ka, ha a se a orohetse ho bontatae, re tla etswa ba molato, nna le mora ka Salomone.


Athalia, mma Akasia, ha a bona hobane mora hae o timetse, a tloha, a timetsa lesika lohle la borena.


Empa eitse hobane Jorame a nke mmuso wa ntatae, ha a se a iphile matla, a bolaya banababo bohle ka lerumo le dihlooho tse ding tsa Iseraele.


Eitse ha Athalia, mma Akasia, a bona hoba mora hae o timetse, a tloha, mme a timelletsa leloko lohle la borena la ntlo ya Juda.


Setjhaba se dihuwa ke ho hloka dikeletso; poloko e teng ha baeletsi ba le bangata.


Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata.


Merero e tiiswa ke keletsano; ka baka leo, o rere ntwa ka ho nahanisisa.


Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.


Jeremia a bolella Tsedekia, a re: Ha nka o bolella taba, ha ke re, o tla mpolaya na? Leha nka o eletsa, ha ke re, o tla hana ho nkutlwa na?


Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.


Yaba Pauluse o re ho molaodi wa lekgolo le ho bahlabani: Ekare ha bao ba sa dule sekepeng, le ke ke la pholoha.


A ntoo ya tlung ya ntatae Ofra, mme a bolaya banababo, bara ba Jerubbaale, batho ba mashome a supileng, hodima lefika le le leng; ha pholoha Jothame feela, mora e monyenyane wa Jerubbaale, hobane o ne a ipatile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos