Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Tsohle tseo ke di etsa ka baka la Evangeli, hore le nna ke tle ke be le kabelo teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Tsena tsohle ke di etsa ka baka la molaetsa o molemo, hore ke tle ke be le kabelo melemong ya wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Sena ke se etsa ka baka la Evangeli, ke tle ke be le kabelo ho yona le lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Sena ke se etsa ka baka la Evangeli, ke tle ke be le kabelo ho yona le lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:23
14 Referencias Cruzadas  

Hobane ya ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya timellwang ke bophelo ba hae, ka baka la ka le la Evangeli, o tla bo boloka.


Ekare ha makala a mang a thefutswe, mme wena o neng o le mohlwaare wa naheng, o hlomilwe sebakeng sa wona, mme o kopantswe le motso, o fepjwa monono wa mohlware wa hae,


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


ho ba fokolang, ke ikentse ya fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.


Na ha le tsebe hobane, haele ka ba mathang lephallong ho matha bohle; empa ya nkang moputso o ba mong feela? Mathang ka mokgwa oo le tlang ho o nka ka wona.


Hobane nkile ka le ngolla ke hlomohile haholo, ka pelo e tsietsweng le ka meokgo e mengata; mme e ne e se ho le swabisa, empa e ne e le hore le tle le tsebe lerato le tlodisang leo ke le ratang ka lona.


Empa ha re a ka ra ba suthela sebaka, leha e le ho ba dumella le ka nakwana e le nngwe, nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona e tiile.


Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Ya lemang ka matla, ke yena ya tshwanetseng ho kotula ditholwana pele.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


seo re se boneng, seo re se utlwileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lona le tle le be le kopano le rona; mme kopano ya rona re na le yona le Ntate, le Mora wa hae Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos